Winning the heart and soul of South Africa for Mary by spreading the Fatima Message

Winning the heart and soul of South Africa for Mary by spreading the Fatima Message

Tumelo ea Baapostola / Apostles Creed (Sesotho)

Ke lumela ho Molimo Ntate ea matla ohle, Mmopi wa leholimo le wa lefatše, le ho Jesu Kriste Mora oa hae a inotsi. Morena oa rona ea emotsoeng ka Moea o Halalelang ea tsoetsoeng ke Maria Movirigo, ea utloisitoeng bohloko pusong ea Ponso Pilato, ea thakhisitsoeng sefapanong a shoa a patoa lebitleng, a theohela nqalong ea bafu. A tsoha bafung ka letsatsi la boraro, a nyolohela leholimong. O lutse ka letsohong le letona la Molimo ntate ea matla ohle, Me o tla khutla teng ho tla ahlola baphelang le ba shoeleng. Ke lumela ho Moea o haIalelang, ho kereke e halalelang e Katolike, selekane sa bahalaledi, tsoarelo ea libe, tsoho ea bafu le bophelo bo sa feleng. Amen.

Lithoko / Divine Praises (Sesotho)

Ho tlotlisoe Molimo

Ho tlotlisoe lebitso la hae le halalelang

Ho tlotlisoe Jesu Kriste, Molimo ruri le motho ruri

Ho tlotlisoe lebitso le halalelang la Jesu.

Ho roriswe Pelo ea hae e bohlokoa haholo.

Ho tlotlisoe mali a hae a bohlokoa haholo.

Ho tlotlisoe Jesu ea leng Sacramenteneng e halalelang, haholo ea Aletare.

Ho tlotlisoe Moea o halalelang, Motselisi.

Ho tlotlisoe ea phahamisitsoeng MmaMolimo.

Maria ea halalelang haholo

Ho tlotlisoe Kemolo ea hae e halalelang e se nang sekoli.

Ho tlotlisoe nyolohelo ya hae e khanyang.

Ho tlotlisoe lebitso la Maria Movirigo le Motsoali.

Ho tlotlisoe Josefa ea halalelang, monyali oa hae ea halalelang haholo

Ho tlotlisoe Molimo ho mangeloi a hae le ho bahalalaleng ba hae.